Genese 14:10-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.

11. Yaba ho hapjwa maruo wohle a Sodoma le a Gomora, le dijo tsohle tse teng, ha kgutlwa.

12. Ha nkwa le Lota, mora moena Abrame, ya neng a ahile Sodoma, le maruo a hae kaofela, ha tsamauwa.

13. Yaba ho fihla mobalehi e mong, a bolella Abrame, Moheberu, ya ahileng dieikeng tsa Mamre, Moamore, ngwanabo Eshkole le Anere, ba neng ba ena le selekane le Abrame.

14. Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.

15. Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.

16. A kgutla le maruo kaofela; a ba a kgutla le Lota, ngwanabo, le maruo a hae, a ba a tla le basadi le batho.

17. Yaba morena wa Sodoma o tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ha a kgutla, a se a hlotse Kedorlaomere le marena a neng a na le yena; mme a mo fihlela lehwatateng la Shave, ke ho re, lehwatata la morena.

18. Melkisedeke, morena wa Saleme, a tlisa bohobe le veine. E ne e le yena moprista wa Modimo o hodimodimo.

19. A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!

20. Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao!Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.

21. Morena wa Sodoma a re ho Abrame: Nnee batho, o inkele maruo.

22. Empa Abrame a araba morena wa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe,

23. hore, leha e le tshwele, leha e le leqhwele la seeta, nke ke ka nka letho la hao, o tle o se ke wa re: Ke fumisitse Abrame.

24. Haese feela see bahlanka ba se jeleng, le kabelo ya banna ba ileng le nna, Boanere, le Eshkole, le Mamre, bona ba ke ba nke kabelo ya bona.

Genese 14