Genese 13:10-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.

11. Yaba Lota o ikgethela lehwatata lohle la Jordane; a leba botjhabela, mme ba kgaohana.

12. Abrame a aha naheng ya Kanana, Lota yena a aha metseng ya lehwatata, mme a hloma ditente tsa hae ho ya fihla Sodoma.

13. Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.

14. Eitse ha Lota a se a ikgaohantse le yena, Jehova a re ho Abrame: Ako emise mahlo a hao, mme ho tloha moo o leng teng, o tadime leboya, le borwa, le botjhabela, le bophirimela;

15. hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng.

16. Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.

17. Raoha, o itsamaele le lefatshe lena ka bolele ba lona le ka bophara ba lona, hobane ke tla o fa lona.

18. Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.

Genese 13