Genese 12:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Abrame a tloha, a tsamaya a ntse a lebile borwa.

10. Jwale tlala ya eba teng lefatsheng leo; yaba Abrame o theohela Egepeta ho ya ahella teng, kahobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng leo.

11. Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng;

12. etlare ha Baegepeta ba o bona, ba ya re: Enwa ke mosadi wa hae! mme ba mpolaye, empa wena ba o lesele, o phele.

13. O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.

14. Eitse ha Abrame a se a fihlile Egepeta, Baegepeta ba bona mosadi hoba o motle haholo.

15. Ditona tsa Faro le tsona tsa mmona, mme tsa mo rorisa pela Faro; mme mosadi a nkwa, a iswa ka tlung ya Faro.

16. Yaba Faro o etsa Abrame hantle ka baka la Sarai, mme Abrame a rua dinku, le dikgomo, le diesele, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le diesele tse tshehadi, le dikamele.

Genese 12