7. Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.
8. A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
9. Abrame a tloha, a tsamaya a ntse a lebile borwa.
10. Jwale tlala ya eba teng lefatsheng leo; yaba Abrame o theohela Egepeta ho ya ahella teng, kahobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng leo.