Genese 12:14-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Eitse ha Abrame a se a fihlile Egepeta, Baegepeta ba bona mosadi hoba o motle haholo.

15. Ditona tsa Faro le tsona tsa mmona, mme tsa mo rorisa pela Faro; mme mosadi a nkwa, a iswa ka tlung ya Faro.

16. Yaba Faro o etsa Abrame hantle ka baka la Sarai, mme Abrame a rua dinku, le dikgomo, le diesele, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le diesele tse tshehadi, le dikamele.

17. Empa Jehova a otla Faro le ntlo ya hae ka dikotlo tse kgolo ka baka la Sarai, mohatsa Abrame.

18. Yaba Faro o bitsa Abrame, a re: O nketseditseng taba eo? Ha o a ka wa mopolella keng hoba ke mosadi wa hao?

19. Ke ka baka lang ha o itse: Ke kgaitsedi ya ka; ka ba ka mo nka hore e be mosadi wa ka? Jwale ke enwa mosadi wa hao. Mo nke, o ikele!

Genese 12