Genese 11:20-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Rehu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, a tswala Seruge;

21. mme Rehu ha a se a tswetse Seruge, a phela dilemo tse makgolo a mabedi a metso e supileng; mme a tswala bara le baradi.

22. Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Nakore;

23. mme Seruge eitse hobane a tswale Nakore, a phela dilemo tse makgolo a mabedi; mme a tswala bara le baradi.

24. Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, a tswala Tera;

25. mme Nakore eitse hobane a tswale Tera, a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi.

26. Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Abrame, Nakore le Harane.

27. Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.

28. Empa Harane a shwa, Tera ntatae a sa ntse a le teng, lefatsheng leo a tswaletsweng ho lona, Ure wa Kalde.

29. Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.

30. Empa Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.

31. Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.

32. Ditshiu tsa Tera ya eba dilemo tse makgolo a mabedi a metso e mehlano; Tera a ntoo shwela Kharane.

Genese 11