Genese 10:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.

6. Bara ba Kama ke Kushe, le Mitsraime, le Puthe, le Kanana.

7. Bara ba Kushe ke Saba, le Havila, le Sabta, le Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba, le Dedane.

8. Kushe a tswala Nimrode; ke yena ya qadileng ho ba matla lefatsheng.

9. Ke yena eo e bileng setsomi sa senatla pela Jehova; ke moo ho yeng ho thwe: E ka Nimrode, setsomi sa senatla pela Jehova.

10. Qalo ya mmuso wa hae ya eba Babele, le Ereke, le Akkade, le Kalne, fatsheng la Shineare.

11. Ha tswa fatsheng leo Assure, mme a haha Ninive, le motse wa Rehobothe, le Kala,

Genese 10