24. Arpaksade a tswala Shela, Shela a tswala Hebere.
25. Ha tswalwa bara ba babedi ho Hebere; lebitso la e mong e le Pelege, hobane lefatshe le nnile la arohanngwa mehleng ya hae; lebitso la ngwanabo e le Jokthane.
26. Jokthane a tswala Almodade, le Shelefe, le Hatsaremavethe, le Jerake,
27. le Hadorame, le Usale, le Dikla;
28. le Obale, le Abimaele, le Seba;
29. le Ofire, le Havila, le Jobabe: bao kaofela ke bara ba Jokthane.
30. Ho aha ha bona e ne e le ho tloha Mesha ho isa Sefare, thaba ya Botjhabela.
31. Ke bona bao bara ba Sema, ka mefuta ya bona, ka dipuo tsa bona, ka mafatshe a bona, ka ditjhaba tsa bona.