23. Bara ba Arame ke Utse, le Hule, le Getere, le Mashe.
24. Arpaksade a tswala Shela, Shela a tswala Hebere.
25. Ha tswalwa bara ba babedi ho Hebere; lebitso la e mong e le Pelege, hobane lefatshe le nnile la arohanngwa mehleng ya hae; lebitso la ngwanabo e le Jokthane.
26. Jokthane a tswala Almodade, le Shelefe, le Hatsaremavethe, le Jerake,
27. le Hadorame, le Usale, le Dikla;
28. le Obale, le Abimaele, le Seba;
29. le Ofire, le Havila, le Jobabe: bao kaofela ke bara ba Jokthane.
30. Ho aha ha bona e ne e le ho tloha Mesha ho isa Sefare, thaba ya Botjhabela.
31. Ke bona bao bara ba Sema, ka mefuta ya bona, ka dipuo tsa bona, ka mafatshe a bona, ka ditjhaba tsa bona.
32. Ke yona eo mefuta ya bara ba nowe, ka meloko ya bona, le ka ditjhaba tsa bona, mme ditjhaba tse sabaletseng lefatsheng kamora morwallo di tswile ho bona.