Genese 10:22-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Bara ba Sema ke Elame, le Assure, le Arpaksade, le Lude, le Arame.

23. Bara ba Arame ke Utse, le Hule, le Getere, le Mashe.

24. Arpaksade a tswala Shela, Shela a tswala Hebere.

25. Ha tswalwa bara ba babedi ho Hebere; lebitso la e mong e le Pelege, hobane lefatshe le nnile la arohanngwa mehleng ya hae; lebitso la ngwanabo e le Jokthane.

26. Jokthane a tswala Almodade, le Shelefe, le Hatsaremavethe, le Jerake,

27. le Hadorame, le Usale, le Dikla;

Genese 10