18. le Baarvade, le Batsemare, le Bahamathe; mme kamorao mefuta ya Bakanana ya saballa.
19. Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.
20. Ke bona bao bara ba Kama, ka mefuta ya bona, ka dipuo tsa bona, ka mafatshe a bona, ka ditjhaba tsa bona.
21. Ha tswalwa bana le ho yena Sema, ntata bara ba Hebere kaofela, moholwane wa Jafeta.