13. Mitsraime a tswala Baludime, le Baanamime, le Balehabime, le Banaftuhime,
14. le Bapatrusime, le Bakasluhime, bao Bafilesta ba tswileng ho bona, le Bakaftorime.
15. Kanana a tswala Sidone, mora wa hae wa matsibolo, le Hethe,
16. le Bajebuse, le Baamore, le Bagirgashe,
17. le Baheve, le Baarke, le Basine,
18. le Baarvade, le Batsemare, le Bahamathe; mme kamorao mefuta ya Bakanana ya saballa.
19. Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.