7. Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.
8. Modimo wa bitsa sebaka mahodimo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bobedi.
9. Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.
10. Modimo wa bitsa moo ho omileng lefatshe, pokello ya metsi wa e bitsa mawatle; mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
11. Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.
12. Lefatshe la hlahisa jwang, le dimela tse behang peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya tsona, mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
13. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la boraro.
14. Yaba Modimo o re: Masedi ha a be teng sebakeng sa mahodimo, ho arohanya motshehare ho bosiu, e be dipontsho tsa dinako tse beilweng, le tsa matsatsi, le tsa dilemo,
15. mme e be wona masedi sebakeng sa mahodimo ho bonesa lefatshe. Mme ha eba jwalo.
16. Modimo wa etsa masedi a mabedi a maholo, lesedi le leholo la wona ho busa motshehare, le lesedi le lenyenyane la wona ho busa bosiu, wa etsa le dinaledi.
17. Modimo wa di bea sebakeng sa mahodimo, ho edisa lefatshe,
18. le ho busa motshehare le bosiu, le ho arohanya lesedi le lefifi. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.