20. Jwale Modimo wa re: Metsi ha a hlahise ka bongata dibopuwa tse nyekenyehang, tse phelang, mme tse rurang ha di rure hodima lefatshe, sebakeng sa mahodimo.
21. Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
22. Modimo wa di hlohonolofatsa, wa re: Ngatafalang, le ate, mme metsi a mawatle a tlale tsona, mme tse rurang di ate lefatsheng.
23. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bohlano.
24. Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo.
25. Modimo wa etsa diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
26. Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.
27. Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi.
28. Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
29. Modimo wa re: Bonang, ke le neile dimela tsohle tse beang peo, tse kahohle lefatsheng, le sefate se seng le se seng se beang ditholwana tse nang le peo, e be dijo tsa lona.
30. Empa ha e le diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le tse rurang tsohle tsa mahodimo, le dihahabi tsohle tsa lefatshe, tse utlwang ke di neile jwang bohle bo botala, e be dijo tsa tsona. Mme ha eba jwalo.
31. Modimo wa bona tsohle tseo o di entseng hoba di molemo haholo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la botshelela.