Genese 1:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tshimolohong, Modimo o ne o hlole mahodimo le lefatshe.

2. Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi.

3. Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng.

4. Modimo wa bona hoba lesedi le molemo; mme Modimo wa arohanya lesedi le lefifi.

5. Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele.

6. Jwale Modimo wa re: Sebaka ha se be teng mahareng a metsi, mme se arohanye metsi le metsi.

7. Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.

Genese 1