17. Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.
18. Mme leha ekaba a kile a o tlatlapa ka hore hoitseng, kapa a na le molato ho wena, o ke o o batle ho nna.
19. Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.
20. E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste.
21. Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.
22. Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.
23. Epafrase, ya tlamilweng le nna ka baka la Jesu Kreste, o a o dumedisa;
24. o na le Mareka, le Aristarke, le Demase, le Luka, basebedisi ba ka.
25. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le meya ya lona! Amen!