1. Nna, Pauluse, moholehuwa wa Jesu Kreste, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla wena, Filemone, moratuwa le mosebedisi wa rona,
2. le Afia, ya ratwang, le Arkipe, molekane wa rona hlabanong, le kereke e ka tlung ya hao, ke re:
3. Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!
4. Ke leboha Modimo wa ka kamehla, ha ke ntse ke o hopola merapelong ya ka,
5. kamoo ke utlwang tumelo ya hao ho Morena Jesu kateng, le lerato la hao ho bahalaledi bohle.
6. Ke kopa hore tumelo ya hao, eo re kopaneng le wena ka yona, e tle e sebetse ka matla, o tle o bontshise molemo wohle o ka etsetswang Jesu Kreste ha heno.
7. Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.