Esthere 9:3-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Dihlooho tsohle tsa dinaha, le matona, le babusisi, le bohle ba tshwereng ditaba tsa morena, ba emela Bajuda, hobane letsoso la Mordekai le ne le ba wetse hodimo.

4. Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.

5. Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka lerumo, ya eba polao le timetso e kgolo, mme ba etsa ba ba hloileng ka thato ya bona.

6. Le Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaya, ba timetsa batho ba makgolo a mahlano;

7. ba bolaya le Parshandatha, Dalfone, Aspatha,

8. Poratha, Adalia, le Aridatha,

9. Parmashtha, Arissai, Aridai, le Faisatha,

10. e leng bara ba leshome ba Hammane, mora Hammedatha, motshwenyi wa Bajuda; empa ha ba ka ba hapa letho.

11. Tsatsing lona leo, palo ya ba bolaetsweng Susane, motse wa moreneng, ya behelwa morena.

12. Morena a re ho mofumahadi Esthere: Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaile, ba timeditse batho ba makgolo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Ha ho le jwalo, ba entseng dinaheng tse ding tsa morena? Le jwale, o kopa eng? O tla e newa. O sa qosa eng? Ho tla etswa jwalo.

13. Esthere a re: Ha morena a dumela, Bajuda ba Susane ba boele ba dumellwe le hosasane ho etsa ka taelo ya kajeno, mme ho ke ho fanyehwe difateng bara ba leshome ba Hamane.

14. Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.

15. Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.

16. Bajuda ba bang, ba leng dinaheng tsa morena, ba phutheha le bona, mme ba lwanela bophelo ba bona; ba bona phomolo ho dira tsa bona, mme ba bolaya batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano hara ba ba hloileng, empa ha ba ka ba hapa letho.

17. Tseo ba di etsa ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya Adare, mme ba phomola ka la leshome le metso e mene, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.

Esthere 9