Esthere 7:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Mofumahadi Esthere a araba, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a hao, morena, ha morena a ka dumela, a nke ke fuwe bophelo ba ka ka kopo ya ka le bophelo ba setjhaba sa heso ka qoso ya ka;

4. hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.

5. Yaba morena Assueruse o araba, a re ho mofumahadi Esthere: Ya betileng pelo ho etsa jwalo, ke mang? o kae?

6. Esthere a re: Motshwenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enwa! Jwale Hamane a tshoha haholo pela morena le mofumahadi.

7. Yaba morena, kgalefong ya hae, o tloha dijong, a ikela tshimong ya ntlo ya borena; Hamane yena a mpa a ema moo, a tle a rapelle bophelo ba hae ho mofumahadi Esthere hobane o ne a bontshisitse hoba lefu la hae le se le rerilwe ke morena.

Esthere 7