3. Morena a re ho yena: Oho, mofumahadi Esthere, o na le taba efe; o kopa eng? Leha o ka kopa karolo ya bobedi ya mmuso, o tla e newa.
4. Esthere a re: Ha morena a dumela, morena a ke a tle kajeno le Hamane dijong tseo ke mo lokiseditseng tsona.
5. Morena a re: Phakisang le late Hamane, a tle a etse se boletsweng ke Esthere.Morena a tla jwalo le Hamane dijong tseo Esthere a di lokisitseng.
6. Eitse ha ho nowa veine, morena a re ho Esthere: O kopa eng? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.
7. Esthere a araba, a re: Kopo ya ka le qoso ya ka, ke re:
8. Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena.
9. Tsatsing lona leo, Hamane a tswa a thabile, pelo ya hae e iketlile; empa eitse ha Hamane a bona Mordekai a le pela monyako wa morena, a eme, a sa mo suthele, a halefela Mordekai.
10. Empa Hamane a itshwara; mme eitse ha a fihla ha hae a romela ho bitsa metswalle ya hae le Sereshe, mosadi wa hae.
11. Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena.
12. Hamane a eketsa, a re: Hape, mofumahadi Esthere ha a ka a mema motho kantle ho morena ho tla dijong tseo a di entseng, haese nna; le hosasane hape, ke sa memilwe ho ya ha hae hammoho le morena.
13. Empa tseo tsohle di bosula ho nna, ha ke sa ntse ke bona Mordekai, Mojuda eno, a dutse pela monyako wa morena.