13. Mangolo a romelwa dinaheng tsohle tsa morena ka dititimi, ha thwe, ho timetswe, ho bolawe, ho fediswe Bajuda bohle, ba baholo le ba banyenyane, bana le basadi, ka tsatsi le le leng, e leng letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, mme ba tlatlapuwe mesebetsi ya bona.
14. Kopi ya lengolo leo le taelo e ileng ho laela naheng e nngwe le e nngwe ya tumiswa ditjhabeng tsohle, hore ba tle ba itokisetse tsatsi leo.
15. Yaba dititimi di tloha, di potlakiswa ke taelo ya morena.Taelo ya tumiswa le Susane, motse wa moreneng. Mme morena le Hamane ba nna ba dula ba enwa, motse wa Susane wona o tletse maswabi.