1. Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —
2. ke re, mehleng eo, eitse ha morena Assueruse a dutse teroneng ya mmuso wa hae, Susane, e leng motse wa moreneng,
3. selemong sa boraro sa puso ya hae, a etsa seboka, a se etsetsa mahosana wohle a hae, le bafo ba hae, le makgotla a Persia le a Media, le marenana, le babusisi ba dinaha tsa hae, ba phuthehileng pela hae.
4. A ba bontsha matlotlo le kganya ya mmuso wa hae, le botle le bokgabana ba boholo ba hae, ka ditshiu tse ngata, e leng ka ditshiu tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi.
5. Tshiu tseo ha di fetile, morena a etsetsa setjhaba sohle se Susane, motse wa moreneng, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba banyenyane, seboka sa tshiu tse supileng, kahare ho motero wa dirapa tsa ntlo ya morena.
6. Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.
7. Ha nwelwa mehopeng ya kgauta, mehopeng e mefutafuta, veine ya morena e le ngata kamoo morena a ratileng ho fana kateng.