Esekiele 9:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba o nkgoweletse ditsebeng ka ho tlerola, a re: Atametsang ba tlang ho otla motse, e mong le e mong a be le seo a tla senya ka sona letsohong la hae.

2. Yaba ke bona ho etla banna ba tsheletseng ka tsela ya monyako o hodimo, o lebileng nqa leboya, e mong le e mong a ena le sa hae sa ho thuha, mahareng a bona ho ena le monna e mong ya apereng lene, a ena le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae; ba fihla, ba ema pela aletare ya koporo.

3. Yaba kganya ya Modimo wa Iseraele e tloha kerubimeng eo e neng e e okametse, ya ya mohatong wa monyako wa ntlo. Jehova a memetsa motho ya apereng lene, ya nang le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae,

4. mme Jehova a re ho yena: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba fehelwang, ba bobolang ka baka la manyala wohle a etswang hara wona.

5. Yaba o re ho bona, ke ntse ke utlwa: Pholletsang ka motse kamora hae, le hlabake; mahlo a lona a se ke a qenehela, le hloke mohau;

6. bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.

7. Hape, a re ho bona: Silafatsang tempele, le tlatse mabala ka ba bolailweng. Eyang! Yaba ba ya, ba hlabaka motseng.

Esekiele 9