4. Mme bonang, kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona teng, eka eo ke neng ke e bone kgohlong.
5. A re ho nna: Mora motho, o emisetse mahlo a hao nqa leboya. Yaba ke emisetsa mahlo a ka nqa leboya, mme ka bona, nqa leboya ho monyako wa aletare setshwantsho seo sa poulelo se le monyako.
6. A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.
7. Yaba o nkisa monyako wa lebala, mme ha ke tadima, ka bona lesoba ka lerakong.
8. A re ho nna: Mora motho, phunya lerako hle. Yaba ke phunya lerako, mme ka bona monyako.
9. A re ho nna: Kena, o bone manyala a mabe a etswang ke bona mona.
10. Yaba ke a kena; eitse ha ke tadima, ka bona ditshwantsho tse ngata tsa dihahabi le tsa diphoofolo tse ilwang, le ditshwantsho tsohle tsa ntlo ya Iseraele di tshwantshitswe lerakong, ho le pota ka nqa tsohle.
11. Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.
12. A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.
13. A eketsa, a re ho nna: O sa tla bona manyala a mang a maholo a etswang ke bona.
14. A ntoo nkisa monyako wa ntlo ya Jehova o lebileng nqa leboya, mme ka bona basadi ba dutse teng, ba llela Tammuse.
15. A re ho nna: Mora motho, na o bone na? O sa tla bona manyala a mang a maholo a fetang ao.