Esekiele 8:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.

4. Mme bonang, kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona teng, eka eo ke neng ke e bone kgohlong.

5. A re ho nna: Mora motho, o emisetse mahlo a hao nqa leboya. Yaba ke emisetsa mahlo a ka nqa leboya, mme ka bona, nqa leboya ho monyako wa aletare setshwantsho seo sa poulelo se le monyako.

6. A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.

7. Yaba o nkisa monyako wa lebala, mme ha ke tadima, ka bona lesoba ka lerakong.

Esekiele 8