2. Ha ke tadima, ka bona hoo e kang motho, sebopeho sa hae se le jwaloka mollo; ponahalo ya matheka a hae, ho isa tlase, e ne e le mollo; ho tloha mathekeng a hae ho isa hodimo, e ne e ka kganya, e ka ponahalo ya koporo e hlenneng.
3. A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.
4. Mme bonang, kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona teng, eka eo ke neng ke e bone kgohlong.