8. Hona jwale, ke ya tshollela kgalefo ya ka hodima hao, ke ya phetha bohale ba ka ho wena; ke tla o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.
9. Leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla busetsa ho wena ka metsamao ya hao, manyala a hao a tla ba bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ya otlang.
10. Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.
11. Bothata bo fetohile thupa e mpe ya ho otla. Ha ho a sala letho leha le le leng la bona, kapa la letshwele la bona, kapa la menono ya bona; ha ho sa le bokgabane ho bona.
12. Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.
13. Hobane morekisi ha a ka ke a boela a rua seo a rekisitseng ka sona, esita le hoja a ka nna a phela le ba phelang, hobane pono e hlollang e hlahileng bakeng sa letshwele lohle la bona e ke ke ya kgutliswa, mme motho ya phelang ka bokgopo a ke ke a tiya.
14. Ho letswa terompeta, ho lokiswa tsohle; leha ho le jwalo, ha ho ya yang ntweng, hobane kgalefo ya ka e ya tlela letshwele lohle la bona.
15. Kantle ho na le lerumo, kateng ke lefu la sewa le tlala. Ya leng naheng o tla shwa ke lerumo, ya leng motseng a jewe ke tlala le lefu la sewa.
16. Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.
17. Matsoho wohle a tepeletse, mangwele wohle a qhibidiha.
18. Ba ikgahlola ka seaparo se mahwashe, qhaqhaselo e ba apesitse; dihlong di teng difahlehong tsohle, dihlooho tsohle tsa bona ke tse mafatla.
19. Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.
20. Mokgabo oo o kganyang ba o entse sebaka sa boithoriso, ka wona ba entse ditshwantsho tse manyala tsa bona le tsohle tsa bona tseo ke di ilang; ka baka leo, ke ya di etsa ditshila ho bona.