Esekiele 7:23-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Etsa mahlaahlela, hobane lefatshe lena le tletse ditlolo tse madi, mme motse wona o tletse bothata.

24. Ke ya tlisa ditjhaba tse fetisang ka bobe, di tle di rue matlo a bona; ke tla kgaotsa boikakaso ba dinatla, dinqalo tsa bona tse halalelang di silafatswe.

25. Tshenyeho e a tla, ba batla kgotso, mme ha e yo.

26. Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.

27. Morena o tla lla, kgosana e ikapese ka bofifi, matsoho a setjhaba sa lefatshe a thothomele. Ke tla ba etsa ka mekgwa ya bona, ke ba ahlole ka dikahlolo tsa bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.

Esekiele 7