Esekiele 7:21-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Mme tseo ke tla di neela baditjhaba hore ba di hape, ke di neele ba fetisang ka bokgopo lefatsheng, hore ba di hlwibile, ba di silafatse.

22. Ke tla ba furallisetsa sefahleho sa ka; bao e leng dira ho nna ba tla silafatsa sehalalelo sa ka se patilweng; ba bohale ba tla kena Jerusalema, ba mo silafatse.

23. Etsa mahlaahlela, hobane lefatshe lena le tletse ditlolo tse madi, mme motse wona o tletse bothata.

24. Ke ya tlisa ditjhaba tse fetisang ka bobe, di tle di rue matlo a bona; ke tla kgaotsa boikakaso ba dinatla, dinqalo tsa bona tse halalelang di silafatswe.

25. Tshenyeho e a tla, ba batla kgotso, mme ha e yo.

26. Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.

27. Morena o tla lla, kgosana e ikapese ka bofifi, matsoho a setjhaba sa lefatshe a thothomele. Ke tla ba etsa ka mekgwa ya bona, ke ba ahlole ka dikahlolo tsa bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.

Esekiele 7