Esekiele 7:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2. Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!

3. Le wena, jwale, bofelo bo ya o tlela, ke ya o nehella bohale ba ka; ke ya o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.

Esekiele 7