1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
2. Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!
3. Le wena, jwale, bofelo bo ya o tlela, ke ya o nehella bohale ba ka; ke ya o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.
4. Leihlo la ka ha le ka ke la o qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla bea metsamao ya hao ho wena, manyala a hao a be bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova.
5. Morena Jehova o re: Bona, kotsi, kotsi e bohloko e a tla;
6. bofelo bo a tla, bofelo bo a tla, bo o phaphametse. Bona, bo tlile.
7. Tsatsi la hao le tlile, wena ya ahileng lefatsheng lena; nako e tlile, letsatsi le atametse, ke la moferefere, e seng la pina e binwang dithabeng.
8. Hona jwale, ke ya tshollela kgalefo ya ka hodima hao, ke ya phetha bohale ba ka ho wena; ke tla o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.
9. Leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla busetsa ho wena ka metsamao ya hao, manyala a hao a tla ba bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ya otlang.
10. Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.
11. Bothata bo fetohile thupa e mpe ya ho otla. Ha ho a sala letho leha le le leng la bona, kapa la letshwele la bona, kapa la menono ya bona; ha ho sa le bokgabane ho bona.