Esekiele 6:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ba bolawang ba tla wa hara lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

8. Empa ke tla le siela masala ao e tla ba ba phonyohileng lerumong hara ditjhaba, tseo le tla beng le qhalanyeditswe dinaheng tsa tsona.

9. Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.

10. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova: hase lefeela ha ke ne ke itse: Ke tla ba ntsha kotsi eo.

11. Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!

12. Ya leng hole o tla shwa ke lefu la sewa, ya leng haufi a we ka lerumo; ya tla sala a ntse a bolokehile, o tla shwa ke tlala, mme ke tla phetha kgalefo ya ka ho bona.

Esekiele 6