5. Ke tla bea ditopo tsa bana ba Iseraele pela ditshwantsho tsa bona, ke qhalanye masapo a lona pela dialetare tsa lona.
6. Hohle moo le ahileng teng, metse e tla fetoha dithako, nqalo tse diphahameng e be masupi, hore dialetare tsa lona di tle di tlohelwe, di furallwe; ditshwantsho tsa lona di tla robakwa, di timetswe, ditshiya tsa lona tsa letsatsi di rengwe, mesebetsi yohle ya lona e hlakolwe.
7. Ba bolawang ba tla wa hara lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.
8. Empa ke tla le siela masala ao e tla ba ba phonyohileng lerumong hara ditjhaba, tseo le tla beng le qhalanyeditswe dinaheng tsa tsona.
9. Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.