Esekiele 6:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2. Mora motho, o lebise sefahleho sa hao nqa dithabeng tsa Iseraele, o di porofetele,

3. o re: Thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le ho maralla, ho dikgohlo le ho dikgutlo: Ke nna enwa, ke le tlisetsa lerumo, mme ke tla timetsa nqalo tsa lona tse diphahameng.

4. Dialetare tsa lona di tla heletswa, ditshiya tsa lona tsa letsatsi di rojwe, mme ke tla dihela ba bolailweng ba lona pela ditshwantsho tsa lona.

5. Ke tla bea ditopo tsa bana ba Iseraele pela ditshwantsho tsa bona, ke qhalanye masapo a lona pela dialetare tsa lona.

Esekiele 6