17. Mme motse o tla ba le kekeletso e ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano ka nqa leboya; ka nqa borwa, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; ka nqa botjhabela, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; ka nqa bophirimela, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano.
18. Ho setseng boleleleng, mabapa le karolo e halalelang e abetsweng Jehova, ho nang le ditswe tse dikete tse leshome ka nqa botjhabela le tse dikete tse leshome ka nqa bophirimela, ho tlang ho bapa le karolo e halalelang e abetsweng Jehova, dijo tsa teng e tla ba dijo tsa basebeletsi ba motse.
19. Ke basebeletsi ba motse ba tla ho lema, e le ba tswang melokong yohle ya Iseraele.
20. Karolo yohle e arotsweng e tla ba bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; le tla arola karolo e ajwang, e halalelang, e lekaneng mahlakoreng a mane a yona, hammoho le naha e tla ruwa ke motse.
21. Ho setseng e tla ba ha morena, ka kwano le ka kwana ho karolo e arotsweng, e halalelang, le ho naha e ruilweng ke motse, maloka le karolo e ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano e arotsweng ka nqa moeding wa botjhabela, le maloka le ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano ka nqa bophirimela, ho isa moeding wa bophirimela, maloka le dikarolo; e tla ba naha ya morena; karolo e arotsweng e halalelang, hammoho le sehalalelo sa ntlo, di tla ba mahareng a naha eo.
22. Ho tloha naheng e ruilweng ke Balevi le ho e ruilweng ke motse, e leng karolo tse mahareng a naha ya morena, sebaka se tlohang moeding wa Juda ho ya fihla moeding wa Benjamine, e tla ba sa morena.
23. Ho ntoo ba dikarolo tsa meloko e setseng: Pele ke Benjamine.
24. Moeding wa Benjamine, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Simeone.
25. Moeding wa Simeone, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Issaskare.
26. Moeding wa Issaskare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Sabulone.
27. Moeding wa Sabulone, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Gade.
28. Moedi wa Gade, ka nqa borwa, katlase, ke wona moedi; ho tloha Thamare, ho ya fihla metsing a Meriba-Kadeshe, moedi wa lefa o tla ya le nokana, o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo.
29. Ke leo lefatshe leo le tla le arola ka lotho, hore e be lefa la meloko ya Iseraele; ke tseo dikarolo tsa yona: ho bolela Morena Jehova.
30. Meedi ya motse ke ena: ka nqa leboya, tekanyo ya teng ke ditswe tse kete tse nne tse nang le makgolo a mahlano.
31. Menyako ya motse e tla reellwa meloko ya Iseraele; ka nqa leboya, ke menyako e meraro; o mong ke monyako wa Rubene, o mong ke monyako wa Juda, o mong ke monyako wa Levi.
32. Ka nqa botjhabela, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng, ho na le menyako e meraro; o mong ke monyako wa Josefa, o mong ke monyako wa Benjamine, o mong ke monyako wa Dane.
33. Ka nqa borwa, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng ho na le menyako e meraro; o mong ke monyako wa Simeone, o mong ke monyako wa Issaskare, o mong ke monyako wa Sabulone.
34. Ka nqa bophirimela, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng ho na le menyako e meraro; monyako o mong ke wa Gade, monyako o mong ke wa Asere, monyako o mong ke wa Nefthali.