Esekiele 48:13-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Haele Balevi, bona ba tla ba le naha e bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le bophara bo ditswe tse dikete tse leshome, moeding wa baprista. Bolelele bohle bo tla ba ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara e be ditswe tse dikete tse leshome.

14. Ba se ke ba rekisa ka yona, ba se ke ba e ananya, ho se ke ha iswa dilopotsiya tsa lefatshe leo hosele, hobane ke tse kgethetsweng Jehova.

15. Haele ditswe tse kete tse hlano tse setseng bophareng, ho tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ke tse sa halalelang, tsa ho etsa motse le matlo le metsana; motse o tla ba mahareng a naha eo.

16. Tekanyo tsa motse oo ke tsena: lehlakore le ka nqa leboya le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa borwa le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa botjhabela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa bophirimela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano.

17. Mme motse o tla ba le kekeletso e ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano ka nqa leboya; ka nqa borwa, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; ka nqa botjhabela, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; ka nqa bophirimela, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano.

18. Ho setseng boleleleng, mabapa le karolo e halalelang e abetsweng Jehova, ho nang le ditswe tse dikete tse leshome ka nqa botjhabela le tse dikete tse leshome ka nqa bophirimela, ho tlang ho bapa le karolo e halalelang e abetsweng Jehova, dijo tsa teng e tla ba dijo tsa basebeletsi ba motse.

19. Ke basebeletsi ba motse ba tla ho lema, e le ba tswang melokong yohle ya Iseraele.

20. Karolo yohle e arotsweng e tla ba bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; le tla arola karolo e ajwang, e halalelang, e lekaneng mahlakoreng a mane a yona, hammoho le naha e tla ruwa ke motse.

21. Ho setseng e tla ba ha morena, ka kwano le ka kwana ho karolo e arotsweng, e halalelang, le ho naha e ruilweng ke motse, maloka le karolo e ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano e arotsweng ka nqa moeding wa botjhabela, le maloka le ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano ka nqa bophirimela, ho isa moeding wa bophirimela, maloka le dikarolo; e tla ba naha ya morena; karolo e arotsweng e halalelang, hammoho le sehalalelo sa ntlo, di tla ba mahareng a naha eo.

22. Ho tloha naheng e ruilweng ke Balevi le ho e ruilweng ke motse, e leng karolo tse mahareng a naha ya morena, sebaka se tlohang moeding wa Juda ho ya fihla moeding wa Benjamine, e tla ba sa morena.

23. Ho ntoo ba dikarolo tsa meloko e setseng: Pele ke Benjamine.

24. Moeding wa Benjamine, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Simeone.

25. Moeding wa Simeone, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Issaskare.

26. Moeding wa Issaskare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Sabulone.

27. Moeding wa Sabulone, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Gade.

28. Moedi wa Gade, ka nqa borwa, katlase, ke wona moedi; ho tloha Thamare, ho ya fihla metsing a Meriba-Kadeshe, moedi wa lefa o tla ya le nokana, o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo.

Esekiele 48