Esekiele 48:12-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ba tla ba le karolo eo e leng ya bona naheng eo e abetsweng Jehova, e tla ba e halaledisisang, pela moedi wa Balevi.

13. Haele Balevi, bona ba tla ba le naha e bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le bophara bo ditswe tse dikete tse leshome, moeding wa baprista. Bolelele bohle bo tla ba ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara e be ditswe tse dikete tse leshome.

14. Ba se ke ba rekisa ka yona, ba se ke ba e ananya, ho se ke ha iswa dilopotsiya tsa lefatshe leo hosele, hobane ke tse kgethetsweng Jehova.

15. Haele ditswe tse kete tse hlano tse setseng bophareng, ho tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ke tse sa halalelang, tsa ho etsa motse le matlo le metsana; motse o tla ba mahareng a naha eo.

16. Tekanyo tsa motse oo ke tsena: lehlakore le ka nqa leboya le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa borwa le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa botjhabela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa bophirimela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano.

Esekiele 48