Esekiele 47:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba o mpusetsa monyakong wa ntlo; mme ka bona metsi a etswa tlasa monyako a ntlo, ka nqa botjhabela; hobane sefahleho sa ntlo se ne se tadimile ka nqa botjhabela. Metsi a ne a theoha, a tloha tlasa lehlakore le letona la ntlo, ka nqa borwa ho aletare.

2. Yaba o nntshetsa ntle ka tsela ya monyako wa leboya, a ntsamaisa ho pota ntlo ka tsela e kantle, ho ya fihlela monyakong o isang kantle, ho leba ka nqa botjhabela; ka bona metsi a phallela a etswa ka ho le letona.

3. Eitse ha monna eo a tswela ka nqa botjhabela, o ne a ena le kgwele letsohong la hae; mme a lekanya sebaka sa ditswe tse sekete, a ntshedisa metsi ao; metsi ao a ne a fihla maqaqailaneng a maoto.

4. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a boela a ntshedisa metsi; metsi a fihla mangweleng. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a ntshedisa; teng metsi a ne a fihla lethekeng.

5. A boela a lekanya ditswe tse sekete; e be e se e le noka eo ke sitwang ho e tshela, hobane metsi a ne a le mangata; e le metsi a tshwanetseng ho tshelwa ka ho sesa, e le noka e ke keng ya tshelwa feela.

6. Yaba o re ho nna: Na o bone, mora motho? Yaba o a ntsamaisa, a nkgutlisetsa lebopong la noka.

7. Ha ke boya, ka bona lebopong la noka ho le difate tse ngatangata mose o kwano le mose wane.

Esekiele 47