Esekiele 47:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba o mpusetsa monyakong wa ntlo; mme ka bona metsi a etswa tlasa monyako a ntlo, ka nqa botjhabela; hobane sefahleho sa ntlo se ne se tadimile ka nqa botjhabela. Metsi a ne a theoha, a tloha tlasa lehlakore le letona la ntlo, ka nqa borwa ho aletare.

2. Yaba o nntshetsa ntle ka tsela ya monyako wa leboya, a ntsamaisa ho pota ntlo ka tsela e kantle, ho ya fihlela monyakong o isang kantle, ho leba ka nqa botjhabela; ka bona metsi a phallela a etswa ka ho le letona.

3. Eitse ha monna eo a tswela ka nqa botjhabela, o ne a ena le kgwele letsohong la hae; mme a lekanya sebaka sa ditswe tse sekete, a ntshedisa metsi ao; metsi ao a ne a fihla maqaqailaneng a maoto.

4. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a boela a ntshedisa metsi; metsi a fihla mangweleng. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a ntshedisa; teng metsi a ne a fihla lethekeng.

5. A boela a lekanya ditswe tse sekete; e be e se e le noka eo ke sitwang ho e tshela, hobane metsi a ne a le mangata; e le metsi a tshwanetseng ho tshelwa ka ho sesa, e le noka e ke keng ya tshelwa feela.

6. Yaba o re ho nna: Na o bone, mora motho? Yaba o a ntsamaisa, a nkgutlisetsa lebopong la noka.

7. Ha ke boya, ka bona lebopong la noka ho le difate tse ngatangata mose o kwano le mose wane.

8. A re ho nna: Metsi ao a ikela naheng e ka nqa botjhabela, a tla theohela lefeelleng, a ntoo kena lewatleng; etlare hobane a itshollele lewatleng, metsi a lewatle a tla hlapholoha.

9. Ho tla phela sebopuwa se seng le se seng se hahabang se leng teng moo ho fihlang dinoka tse pedi; le dihlapi tsona di tla ba ngata; hobane metsi ao a fela a tla fihla teng, lewatle le hlapholohe; tsohle tse tla fihlelwa ke noka di tla phela.

10. Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.

11. Haele matsha le mehlaka ya teng e sa hlapholohang, e tla nne e be letswai.

12. Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.

13. Morena Jehova o re: Ke ena meedi ya lefatshe leo e tla ba lefa la lona, la meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. Josefa o tla newa karolo tse pedi.

14. Bohle le tla newa lefa le lekaneng lefatsheng leo ke neng ke emisetse bontata lona letsoho la ka, ka re, ke tla ba nea lona; lefatshe lena le tla le abelwa, e be lefa la lona.

15. Meedi ya lefatshe leo ke ena: Ka nqa leboya, moedi o ya tloha Lewatleng le Leholo, ho leba ka nqa Hethlone, le ho ya Tsedade;

Esekiele 47