Esekiele 47:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba o mpusetsa monyakong wa ntlo; mme ka bona metsi a etswa tlasa monyako a ntlo, ka nqa botjhabela; hobane sefahleho sa ntlo se ne se tadimile ka nqa botjhabela. Metsi a ne a theoha, a tloha tlasa lehlakore le letona la ntlo, ka nqa borwa ho aletare.

2. Yaba o nntshetsa ntle ka tsela ya monyako wa leboya, a ntsamaisa ho pota ntlo ka tsela e kantle, ho ya fihlela monyakong o isang kantle, ho leba ka nqa botjhabela; ka bona metsi a phallela a etswa ka ho le letona.

3. Eitse ha monna eo a tswela ka nqa botjhabela, o ne a ena le kgwele letsohong la hae; mme a lekanya sebaka sa ditswe tse sekete, a ntshedisa metsi ao; metsi ao a ne a fihla maqaqailaneng a maoto.

4. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a boela a ntshedisa metsi; metsi a fihla mangweleng. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a ntshedisa; teng metsi a ne a fihla lethekeng.

5. A boela a lekanya ditswe tse sekete; e be e se e le noka eo ke sitwang ho e tshela, hobane metsi a ne a le mangata; e le metsi a tshwanetseng ho tshelwa ka ho sesa, e le noka e ke keng ya tshelwa feela.

6. Yaba o re ho nna: Na o bone, mora motho? Yaba o a ntsamaisa, a nkgutlisetsa lebopong la noka.

7. Ha ke boya, ka bona lebopong la noka ho le difate tse ngatangata mose o kwano le mose wane.

8. A re ho nna: Metsi ao a ikela naheng e ka nqa botjhabela, a tla theohela lefeelleng, a ntoo kena lewatleng; etlare hobane a itshollele lewatleng, metsi a lewatle a tla hlapholoha.

9. Ho tla phela sebopuwa se seng le se seng se hahabang se leng teng moo ho fihlang dinoka tse pedi; le dihlapi tsona di tla ba ngata; hobane metsi ao a fela a tla fihla teng, lewatle le hlapholohe; tsohle tse tla fihlelwa ke noka di tla phela.

10. Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.

11. Haele matsha le mehlaka ya teng e sa hlapholohang, e tla nne e be letswai.

12. Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.

Esekiele 47