Esekiele 46:13-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ka letsatsi le leng le le leng, o tla hlabela Jehova sehlabelo sa setjheso sa konyana e se nang sekodi, e lemo se le seng; o tla se etsa ka hosasa ho hong le ho hong.

14. Hape, nyehelo eo o tla e hlahisa hammoho le konyana eo, ka hosasa ho hong le ho hong, e tla ba karolo ya botshelela ya efa; ole yona, o tla nka karolo ya boraro ya hine ya yona ho kolobisa phofo ya nyehelo ka yona. Ke nyehelo ya Jehova; ke taelo le komelo e sa feleng; e nne e be teng.

15. Konyana e tla hlajwa jwalo ka hosasa ho hong le ho hong; ho jwalo le nyehelo le ole. Ke setjheso se sa feleng.

16. Morena Jehova o re: Etlare ha morena a nea e mong wa bara ba hae mpho, ke lefa la hae leo a le neang bara ba hae; e tla ba leruo la bona ka mokgwa wa lefa.

17. Empa ha a etsa neo ka ntho e nngwe ya lefa la hae ho e mong wa bafo ba hae, e tla ba ya hae mofo ho isa selemong sa tokoloho, e ntoo kgutlela ho morena. Lefa la hae ke la bara ba hae ba nnotshi.

18. Morena a se ke a nka letho mafeng a setjhaba, ka ho ba leleka ho tseo ba di ruileng. O tla nka tseo a di ruileng ho etsa lefa la bara ba hae, hore bo se ke ha eba motho setjhabeng sa ka ya lelekwang ho tseo a di ruileng.

19. Yaba o nkenya ka tsela e kathoko ho monyako dikamoreng tsa sehalalelo tseo e leng tsa baprista, tse tadimileng ka nqa leboya; mme teng ka bona nqalo e nngwe ka motseo, ka nqa bophirimela.

20. A re ho nna: Ke ena nqalo moo baprista ba tla pheha nama ya mahlabelo a molato le a sebe; ba tla pheha dinyehelo, ba se ke ba di isa kantle lebaleng le kantle, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka tsona.

21. Yaba o nntshetsa lebaleng le kantle, a nkisa dikoung tse nne tsa lebala, mme ka bona ho na la lebala koung e nngwe le e nngwe ya lebala.

22. Koung e nngwe le e nngwe ho na le mabala a haheleditsweng, a bolelele bo ditswe tse mashome a mane le bophara bo ditswe tse mashome a mararo; mabala a mane a entsweng dikoung a le tekanyo e le nngwe.

23. Mola wa meaho o ne o le teng o potang mabala ao, o sikang le wona a mane; dipitsa tsa ho pheha di ne di beilwe tlasa mela eo ka nqa tsohle.

24. Yaba o re ho nna: Ena ke ntlo ya dipitsa tseo ba sebetsang mesebetsi ya ntlo ba tla pheha mahlabelo a setjhaba ka tsona.

Esekiele 46