Esekiele 46:12-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Etlere ha morena a etsa sehlabelo ka ho rata, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa teboho, ho se etsetsa Jehova, e le sehlabelo sa ho rata, a ke a bulelwe monyako o tadimileng botjhabela, mme setjheso sa hae, kapa sehlabelo sa hae sa teboho, se etswe jwalokaha ho etswa ka letsatsi la Sabatha; a ntoo tswa, mme monyako o kwalwe, ha a tswile.

13. Ka letsatsi le leng le le leng, o tla hlabela Jehova sehlabelo sa setjheso sa konyana e se nang sekodi, e lemo se le seng; o tla se etsa ka hosasa ho hong le ho hong.

14. Hape, nyehelo eo o tla e hlahisa hammoho le konyana eo, ka hosasa ho hong le ho hong, e tla ba karolo ya botshelela ya efa; ole yona, o tla nka karolo ya boraro ya hine ya yona ho kolobisa phofo ya nyehelo ka yona. Ke nyehelo ya Jehova; ke taelo le komelo e sa feleng; e nne e be teng.

15. Konyana e tla hlajwa jwalo ka hosasa ho hong le ho hong; ho jwalo le nyehelo le ole. Ke setjheso se sa feleng.

16. Morena Jehova o re: Etlare ha morena a nea e mong wa bara ba hae mpho, ke lefa la hae leo a le neang bara ba hae; e tla ba leruo la bona ka mokgwa wa lefa.

Esekiele 46