Esekiele 46:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.

2. Morena o tla tla ka tsela ya mathule a monyako, ka nqa kantle, a eme pela dikosene tsa monyako; baprista ba tla hlaba setjheso sa hae le mahlabelo a hae a teboho; o tla kgumama mohatong wa monyako, a ntoo tswela ntle; mme monyako o se ke wa kwalwa ho isa mantsiboya.

3. Setjhaba sa lefatshe se tla kgumama pela monyako oo ka Disabatha, leha e le ha kgwedi e thwasitse, pela Jehova.

4. Setjheso se tla hlahiswa ke morena pela Jehova ka tsatsi la Sabatha e tla ba dikonyana tse tsheletseng tse hlokang sekodi, le pheleu e se nang sekodi.

5. Nyehelo e be efa ka pheleu; haele bakeng sa dikonyana, nyehelo e tla ba seo letsoho la hae le ka se ntshang; haele ole, a ntshe hine ka efa.

6. Tsatsing la kgwedi ha e thwasa, e tla ba pohwana e se nang sekodi, le dikonyana tse tsheletseng le pheleu; e tla ba tse se nang sekodi.

7. Haele nyehelo ya hae, o tla hlahisa efa ka poho, le efa ka pheleu; haele ka dikonyana, o tla ntsha kamoo a ka ntshang kateng; haele ole, o tla ntsha hine ka efa.

8. Etlere ha morena a kena, a kene ka tsela ya mathule a monyako, mme a boele a tswe ka yona tsela eo.

9. Haele setjhaba, ha se etla pela Jehova ka diphutheho tse mahlonoko tsa sona, ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa leboya ho tla kgumama, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa borwa; mme ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa borwa, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa leboya; ba se ke ba kgutla ka tsela ya monyako oo ba keneng ka wona, ba mpe ba tswe ka monyako o leng maloka le bona;

10. ha ba kena, morena o tla kena le bona, ha ba etswa, ba tle ba tswe hammoho.

11. Meketeng le diphuthehong tse mnahlonoko, nyehelo e tla ba efa ka poho, le efa ka pheleu; haele dikonyana, a ntshe seo a se ratang; ole yona ho ntshuwe hine e le nngwe ka efa.

Esekiele 46