13. Kabelo eo le tla e abela morena e be karolo ya botshelela ya efa ka homere e le nngwe ya koro, le karolo ya botshelela ya efa ka homere e le nngwe ya harese.
14. Molao bakeng sa ole, bakeng sa bathe ya ole, ke hore ho ntshwe karolo ya leshome ya bathe ka kore, eo e leng homere ya bathe tse leshome, etswe bathe tse leshome di etsa homere.
15. Ho ntshwe nku e le nngwe ho tse makgolo a mabedi naheng e noseditsweng ya Iseraele, ho etsa dinyehelo, le ditjheso le mahlabelo a teboho, ho ba etsetsa pheko ka tsona: ho bolela Morena Jehova.
16. Setjhaba sohle sa lefatshe se tla ntshetsa eo e leng morena Iseraeleng kabelo eo.
17. Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.
18. Morena Jehova o re: Kgweding ya pele, ka tsatsi la ho qala la kgwedi, o tla nka pohwana e se nang sekodi, ka yona o hlatswe sehalalelo.
19. Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa sebe, a a bee dikoseneng tsa monyako wa ntlo; le dintlheng tse nne tsa moqhaka wa aletare, le dikoseneng tsa monyako wa lebala le kahare.
20. O tla boela o etse jwalo ka la bosupa la kgwedi ka baka la ya fositseng le ka baka la sethoto, mme le tla etsetsa ntlo pheko.
21. Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, le tla ba le Paseka, mokete wa matsatsi a supileng; ho tla jewa mahobe a se nang ditomoso.
22. Tsatsing leo, morena o tla itlhabela yena le ho hlabela setjhaba sohle sa lefatshe poho ka mokgwa wa sehlabelo sa sebe.
23. Hape, ka matsatsi a supileng a mokete, o tla hlabela Jehova dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng tse se nang sekodi, ka mokgwa wa ditjheso, ka tsatsi le leng le le leng ho matsatsi ao a supileng; hape, a hlabe phooko ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa sebe.