Esekiele 45:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Etlare ha le aba lefatshe ho etsa mafa, le arolele Jehova karolo, karolo e kgethehileng ya naha; e be bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mahlano, le bophara bo ditswe tse kete tse leshome; e tla halalela hohle ho isa moeding wa yona.

2. Sehalalelo se tla arolelwa sebaka sa ditswe tse makgolo a mahlano ka bolelele, le tswe tse makgolo a mahlano ka bophara, baka se mahlakore a mane a lekanang, hammoho le sebaka se bophara bo tswe tse mashome a mahlano se potang kahohle.

3. Ka ho ya ka tekanyo eo, o tla lekanya sebaka se bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mene le bophara bo ditswe tse dikete tse leshome; bakeng seo, ho tla ema sehalalelo seo e leng sehalaledisiso.

4. Ke yona karolo ya naha e tla kgethwa; e tla ba ya baprista ba tla sebetsa mosebetsi wa sehalalelo, ba atamelang ho etsa tshebeletso ya Jehova; e tla ba setsha sa matlo a bona le nqalo e kgethehileng ya ho haha sehalalelo.

5. Ho ntoo lekanngwa sebaka sa ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano boleleleng le sa ditswe tse kete tse leshome bophareng; e tla ba sa Balevi; haele ba etsang tshebeletso ya ntlo, ba tla rua dikamore tse mashome a mabedi ho yona.

6. Haele naha e tla abelwa motse, e tla etsa sebaka se bophara bo ditswe tse kete tse hlano le bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ho sika le naha e abetsweng sehalalelo; e tla ba naha ya ntlo yohle ya Iseraele.

7. Naha ya morena e tla ba ka kwano ho naha e arotsweng ya sehalalelo; le ho e tla ruwa ke motse, mabapa le naha e arotsweng ya sehalalelo le kapele ho naha e ruilweng ke motse, ho tloha nqeng ya bophirimela ho yona ho leba ka nqa bophirimela, le ho tloha nqeng ya botjhabela ho yona ho leba ka nqa botjhabela; bolelele ba karolo eo bo tla lekana le bolelele ba karolo ya leloko, ho tloha moeding wa bophirimela, ho tlisa moeding wa botjhabela.

8. E tla ba yona naha ya hae, leruo la hae Iseraeleng; mme marena a setjhaba sa ka ha a sa tla tuba setjhaba sa ka, a mpa a tla nea ntlo ya Iseraele naha, ka ho ya ka meloko ya yona.

9. Morena Jehova o re: Oho, marena a Iseraele, ho lekane! Tlosang bothata le tshenyo, etsang ka taelo le ka ho loka; le se ke la hlola le leleka setjhaba sa ka: ho bolela Morena Jehova.

10. Ebang le sekala se lokileng, le efa e lokileng, le bathe e lokileng.

11. Efa le bathe di be le tekanyo e le nngwe, hore bathe e tle e lekane le karolo ya leshome ya homere, efa le yona e lekane le karolo ya leshome ya homere; tekanyo ya tsona e tla lekanngwa ka homere.

12. Haele shekele, e tla etsa gera tse mashome a mabedi. Mine ya lona e tla ba dishekele tse mashome a mabedi, e nngwe e be dishekele tse mashome a mabedi a metso e mehlano e nngwe e be dishekele tse leshome le metso e mehlano.

13. Kabelo eo le tla e abela morena e be karolo ya botshelela ya efa ka homere e le nngwe ya koro, le karolo ya botshelela ya efa ka homere e le nngwe ya harese.

14. Molao bakeng sa ole, bakeng sa bathe ya ole, ke hore ho ntshwe karolo ya leshome ya bathe ka kore, eo e leng homere ya bathe tse leshome, etswe bathe tse leshome di etsa homere.

Esekiele 45