25. Moprista a se ke a atamela pela setopo, hore a se ke a itshela ditshila; empa haele setopo sa ntatae, le sa mmae, le sa mora, le sa moradi, le sa ngwanabo, le sa kgaitsedie ya neng a se na monna, a ka itshilafatsa ka sona.
26. Etlare hobane a itlhatswe, a ballwe matsatsi a supileng.
27. Ka letsatsi leo a tla kena sehalalelong, lebaleng le kahare, ho sebetsa sehalalelong, o tla hlaba sehlabelo sa hae sa sebe: ho bolela Morena Jehova.
28. Ba tla ba le lefa; lefa la bona ke nna; le se ke la ba nea leruo la naha Iseraeleng; leruo la bona ke nna.
29. Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.
30. Dilopotsiya tsa ditholwana tsa pele tsa ntho tsohle, le dikabelo tsohle tseo le di abelang Modimo, e tla ba tsa baprista; le tla nea baprista le hlama ya lona ya pele, hore le tlise lehlohonolo matlung a lona.