Esekiele 44:17-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Etlare ha ba kena ka menyako ya lebala le kahare, ba tla apara meaparo ya lene; ba se ke ba apara boya ha ba sebetsa menyakong ya lebala le kahare le ka tlung.

18. Ba tla rwala dikatiba tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene marikgwana a lene mathekeng a bona; ba se ke ba tena se ka ba fufuletsang.

19. Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.

20. Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, le hona ba se ke ba hodisa moriri wa bona; ba mpe ba ikute dihlooho.

21. Ha ho moprista ya tla nwa veine, ha a kena lebaleng le kahare.

22. Ba se ke ba nyala mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng; ba mpe ba nyale barwetsana ba lesika la ntlo ya Iseraele, kapa mosadi wa mohlolohadi e bileng mohlolohadi wa moprista.

23. Ba tla ruta setjhaba sa ka ho kgethahanya se halalelang le se sa halalelang, ba se lemose ho kgetha se sa hlwekang ho se hlwekileng.

24. Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.

25. Moprista a se ke a atamela pela setopo, hore a se ke a itshela ditshila; empa haele setopo sa ntatae, le sa mmae, le sa mora, le sa moradi, le sa ngwanabo, le sa kgaitsedie ya neng a se na monna, a ka itshilafatsa ka sona.

26. Etlare hobane a itlhatswe, a ballwe matsatsi a supileng.

27. Ka letsatsi leo a tla kena sehalalelong, lebaleng le kahare, ho sebetsa sehalalelong, o tla hlaba sehlabelo sa hae sa sebe: ho bolela Morena Jehova.

28. Ba tla ba le lefa; lefa la bona ke nna; le se ke la ba nea leruo la naha Iseraeleng; leruo la bona ke nna.

29. Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.

30. Dilopotsiya tsa ditholwana tsa pele tsa ntho tsohle, le dikabelo tsohle tseo le di abelang Modimo, e tla ba tsa baprista; le tla nea baprista le hlama ya lona ya pele, hore le tlise lehlohonolo matlung a lona.

31. Baprista ba se ke ba eja nama ya ntho tse shweleng, leha e le ya ntho tse harotsweng tsa dinonyana, kapa tsa diphoofolo.

Esekiele 44