Esekiele 44:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba o boela a ntlisa monyakong wa sehalalelo o kantle, o tadimileng ka nqa botjhabela; mme o ne o kwetswe.

2. Yaba Jehova o re ho nna: Monyako oo o tla nne o kwalwe; o ke se ke wa bulwa, ha ho motho ya tla kena ka wona, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o kene ka wona; o tla nne o kwalwe.

3. Haele morena, morena yena o tla dula teng ho jela bohobe teng pela sefahleho sa Jehova. O tla kena ka tsela ya mathule a monyako, a boele a tswe ka tsela yona eo.

4. Yaba o nkisa pela ntlo, ka monyako o ka nqa leboya; ha ke tadima, ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo ya Jehova, mme ka ikakgela fatshe ka sefahleho sa ka.

5. Jehova a re ho nna: Mora motho, sekehetsa pelo ya hao, o bone ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao tsohle tseo ke o bolellang tsona tsa dikomelo tsa ntlo ya Jehova le tsa melao ya yona; o e sekehele pelo hore o hlokomele hohle ho kenang tlung, ka menyako yohle ya sehalalelo.

6. Mme o bolelle baikgantshi bano, ntlo ya Iseraele, o re: Morena Jehova o re: Manyala wohle a lona a lekane, ntlo ya Iseraele,

7. ao ka wona le nnileng la kenya bara ba baditjhaba, bao e leng maqai dipelong le maqai nameng, sehalalelong sa ka ho se silafatsa, e leng ntlo ya ka, ha le ne le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, hore ba tlole selekane sa ka ka ho ya ka manyala wohle a lona.

8. Ha le a ka la boloka ntho tsa ka tse halalelang tseo ke neng ke di beile matsohong a lona, la mpa la bea baditjhaba bao ho ba etsa balebedi sehalalelong sa ka, ba ntho tseo ke di beileng ho lona, tulong tsa lona.

9. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ha ho mora wa moditjhaba, eo e leng leqai pelong le leqai nameng, ya tla kena sehalalelong sa ka; ke bolela bara ba baditjhaba ba dutseng hara bana ba Iseraele.

10. Haele Balevi ba mphuruletseng mohla Baiseraele ba kgelohang, ba nkgelohang ho ya latela ditshwantsho tsa bona, ba tla jara bokgopo ba bona.

11. Ba tla tshwara tshebeletso ya ka sehalalelong sa ka, e be balebedi ba menyako ya ntlo ya ka, le ba etsang tshebeletso ya ntlo; ba tla hlaba ditjheso le mahlabelo a setjhaba, mme ba tla ema pela bona ho ba etsetsa tsa tshebeletso ena.

12. Hobane ba kile ba ba etsetsa tshebeletso ya ditshwantsho tsa bona, ya eba kgopiso ya bokgopo ho ntlo ya Iseraele; ka baka leo, nkile ka ba emisetsa letsoho la ka, ho bolela Morena Jehova, mme ba tla jara bokgopo ba bona.

Esekiele 44