Esekiele 43:3-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Hoo ke neng ke ho bona, ho ne ho na le ponahalo e kang ya seo ke na beng ke se bone mohla ke tlang ho timetsa motse; tse bonwang di ne di na le ponahalo e kang ya tseo ke na beng ke di bone nokeng ya Kebare; yaba ke ikakgela fatshe ka sefahleho.

4. Mme kganya ya Jehova ya kena tlung, ka tsela ya monyako o tadimileng ka nqa botjhabela.

5. Ke ha moya o nkuka, wa ntlisa lebaleng le kahare; mme ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo.

6. Yaba ke utlwa e mong a bua le nna, a le ka tlung; yaba ho ema motho pela ka;

7. a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.

8. Enereha ba bea mohato wa monyako wa bona mabapa le wa ka, le kosene ya bona mabapa le ya ka, ho le lerako feela le ba arohantseng le nna, ba ne ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka manyala a bona ao ba a etsang; ka ba ka ba timetsa kgalefong ya ka.

9. Jwale, ba tla lahlela ho boka ha bona le ditopo tsa marena a bona hole le nna, mme ke tla dula hara bona ka ho sa feleng.

10. Mora motho, tshwantshetsa ntlo ya Iseraele ntlo eo, hore ba tle ba hlajwe ke dihlong ka baka la makgopo a bona, mme ba lekanye phetheho ya yona.

11. Ha ba ka hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, hlo o ba bontshe sebopeho sa ntlo, le mmopo wa yona, le moo ho tsuwang, le moo ho kenwang, le sebopeho sohle sa yona, le ditaelo tsohle tsa yona, le mmopo wohle wa yona, le melao yohle ya yona; o ngole tseo pela bona, hore ba boloke mmopo wa yona le ditaelo tsohle tsa yona, ba ye ka tsona.

12. Molao wa ntlo ke wona. Moedi wohle wa yona, o hodima thaba, ka nqa tsohle, ke nqalo e halalelang haholo. Bonang, molao wa ntlo ke oo.

13. Ke tsena tekanyo tsa ditswe tsa aletare: setswe sona ke setswe se nang le boahlamo ba seatla; sedulo sa yona se na le setswe se le seng, bophara ba sona bo le setswe se le seng; morumong wa sona, ho na le moqhaka wa bophara ba seatla, o se potolohang; ke sona sedulo sa aletare.

14. Ho tloha fatshe ho sedulo ho isa mothating o katlase, ho na le ditswe tse pedi, bophara bona bo le setswe se le seng; ho tloha mothating o monyenyane ho isa mothating o moholo, ho le ditswe tse nne, bophara bo le setswe se le seng.

15. Aletare e na le tswe tse nne, mme ho tloha leifong, hodimo ho lona, ho na le manaka a mane.

16. Leifo le na le bolelele bo ditswe tse leshome le metso e mmedi, le bophara bo ditswe tse leshome le metso e mmedi, meetse ya lona e mene e lekane.

Esekiele 43