Esekiele 43:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ha ba ka hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, hlo o ba bontshe sebopeho sa ntlo, le mmopo wa yona, le moo ho tsuwang, le moo ho kenwang, le sebopeho sohle sa yona, le ditaelo tsohle tsa yona, le mmopo wohle wa yona, le melao yohle ya yona; o ngole tseo pela bona, hore ba boloke mmopo wa yona le ditaelo tsohle tsa yona, ba ye ka tsona.

12. Molao wa ntlo ke wona. Moedi wohle wa yona, o hodima thaba, ka nqa tsohle, ke nqalo e halalelang haholo. Bonang, molao wa ntlo ke oo.

13. Ke tsena tekanyo tsa ditswe tsa aletare: setswe sona ke setswe se nang le boahlamo ba seatla; sedulo sa yona se na le setswe se le seng, bophara ba sona bo le setswe se le seng; morumong wa sona, ho na le moqhaka wa bophara ba seatla, o se potolohang; ke sona sedulo sa aletare.

14. Ho tloha fatshe ho sedulo ho isa mothating o katlase, ho na le ditswe tse pedi, bophara bona bo le setswe se le seng; ho tloha mothating o monyenyane ho isa mothating o moholo, ho le ditswe tse nne, bophara bo le setswe se le seng.

15. Aletare e na le tswe tse nne, mme ho tloha leifong, hodimo ho lona, ho na le manaka a mane.

16. Leifo le na le bolelele bo ditswe tse leshome le metso e mmedi, le bophara bo ditswe tse leshome le metso e mmedi, meetse ya lona e mene e lekane.

17. Mothati o na le bolelele bo tswe tse leshome le metso e mene meetseng ya wona e mene; moqhaka wa wona o o potolohang o le halofo ya setswe, mme sedulo sa wona se le setswe se le seng kahohle; haele methatinyana ya ho nyoloha, e ne e lebile ka nqa botjhabela.

18. Yaba o re ho nna: Mora motho, Morena Jehova o re: Ke tsena ditaelo tsa aletare letsatsing leo e tla etswa ka lona, hore ho tle ho hlajwe ho yona setjheso, mme e fafatswe ka madi.

19. O tla nea baprista ba Balevi, bao e leng ba lesika la Tsadoke, ba atamelang pela ka, pohwana ho e etsa sehlabelo sa sebe: ho rialo Jehova.

20. O tla nka madi a mong a yona, o a bee manakeng a yona a mane, le dintlheng tse nne tsa mothati wa yona, le moqhakeng o o potolohang, mme o tla e hlatswa jwalo, le ho e phekola.

21. O ntoo nka poho ya sehlabelo sa sebe, o e tjhese nqalong e beilweng ya ntlo, kantle ho sehalalelo.

22. Ka tsatsi la bobedi, o tla hlaba phooko e hlokang sekodi, e be sehlabelo sa sebe, ho hlatsuwe jwalo aletare, jwalokaha e hlatswitswe ka poho.

Esekiele 43